Vita Brevis Language ke biro ya dipuo eo e leng setsebi
ho phetolelo, ho bala o lokisa diphoso, ditokiso le ho qopetsa dipuo
tsohle tse kgolo tsa se-Yuropa, se-Afrika le se-Asia. Ka sehlopha sa
bafetoledi ba nako tsohle ba fetang 300 le bahlophisi ba nang le boiphihlelo
ba dilemo mafapheng a fapaneng, khampani ya rona e motlotlo ka ho fana
ka bosebetsi wa profeshene o nang le boleng, ha e ntse e tshepisa ditefello
tse ntle haholo. Mona Vita Brevis Language ke ka ha boleng, ho ba le
sephiri, phaello e potlakang le boleng ba tjhelete.
Phetholelo
Vita Brevis Language e na le bafetoledi ba ditsebi bakeng sa lefapha
le leng le le leng, hape sehlopha sa rona sa diprofeshenale ba ka hlokomela
ditlhoko tsohle tsa hao, ho sa kgathalatsehe hore ke tsa website kapa
tlaleho ya selemo le selemo, tokomane ya molao kappa athikele ya saense.
Ho sebediswa tsela e thata ya ho kgetha bafetoledi ho nnetefatsa hore
bao ba kgethwang ba tla fana ka mosebetsi wa boemo bo hodimo. Bafetoledi
ba Vita Brevis Language ha ba bue fela puo ya lapeng ka thuto e phahameng,
empa kaofela ha bona ke ditsebi tse nang le boiphihlelo ba dilemo lefapheng
lena la phetolelo. Projeke e nngwe le e nngwe e nehwa mofetoledi a le
mong ho nnetefatsa tshwano ya mareo le setaele sa phetolelo. Ha re tla
phetolelong ya botsebi, re sebedisa feela ditsebi tsa puo tse nang le
boiphihlelo sektareng e tshwanetseng.
Ho bala o lokisa diphoso
Vita Brevis Language e fana ka ditshebeletso tse itlhommeng pele ho
bareki ba lakatsang ho ba le ditokomane tse hlophisitsweng bakeng sa
phatlalatso mme di lokisitswe diphoso pele di tlanywa. Babadi ba rona
ba lokisang diphoso ba nnetefatsa hore diphoso dife le dife tse bang
di le teng nakong eo tokomane e neng e lokiswa ka yona hore di a lokiswa
ka nako.
Bohlophisi
Vita Brevis Language e fana ka ditshebeletso tse itlhommeng pele ho
bareki ba yona ka ditokomane tse ngotsweng ke ditsebi tse nang le tsebo
ya lefapha lena, empa bao e seng bangodi. Bahlophisi ba rona ba ka lokisa
puo ya kerama le ya maele mme ba be ba fane ka ditokomane tse phethetsweng
tsa profeshenale.
Ho Qopetsa
Vita Brevis Language hape e fana ka ditshebeletso tsa ho qopetsa dipuong
tse kgethilweng. Ha ba nehilwe hlalosetso kapa khopi e ngotsweng, baqopetsi
ba rona ba ka ngola le ho ngola hape ditokomane puong le setaele se
lokelang ditlhoko tsa bareki ba rona.
Sephiri
Ha Vita Brevis Language re amohela hore ditokomane tse ding ke tse hlokolosi
mme tumellano ya sephiri e ka fumaneha ha e batlwa.
|